{"product_id":"9781539817505","title":"Maime A Lerato (Southern Sotho Edition)","description":"Maime a Lerato ke lefahla le leholo ho Mothobapelo e seng e ntse e balwa. Maime a Lerato ke buka e senolang mekgwa ya bophelo, e laolwang ke lerato, leo sefutho kapa matla a lona a susumetsang diketso tse ka hahang kapa ho heletsa metheo ya botho bo nang le kelello. Dibaka tse boletsweng le mabitso a hlahang a batho esita le maemo a bona, empa e le setshwantsho sa ho bapisa diketso le dibaka tse etsahalang bophelong. Thuto e kgolo ke hore batho ba tsebe hore bophelo ha bo kgethe maemo a batho, mme le bofokodi ha bo na maemo. Dibaka di totobatsa hore diketso tse etswang botjheng, ebang ke tsa bosawana kapa tsa nnete e sa kguneng, di fetoha motheo o hahang bokamoso ba motho bo amang setjhaba esita le dinaha tse ding. Buka e hlopshwa ka dikgaolo tse bopjwang ka dirapa tse nang le meelo e senolang ho hong. Meelelo le kopanela ho haha melaetsa e fetiswang ke digaolo, mme tsona di neheletsane ho haha taba eo buka e e senolelang mmadi e le temoso bophelong. Tse ding tseo babadi ba ithutang tsona ke hore tiisetso e tswala katleho, athe ho hloka mamello le tjhebelopelo ho tswala dibabane hwa motho a qetellang a llela lebese le qhalaneng ho se ho se le nako ya ho lokisa tse lobilweng.\u003cbr\u003e\u003cul\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eAuthor: \u003c\/b\u003eSelemeng A. Mokorosi\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003ePublisher: \u003c\/b\u003eCreatespace Independent Publishing Platform\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003ePublication Date: \u003c\/b\u003eOct 24, 2016\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eNumber of Pages: \u003c\/b\u003e158 pages\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eLanguage: \u003c\/b\u003eSouthern_Sotho\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eBinding: \u003c\/b\u003ePaperback\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eISBN-10: \u003c\/b\u003e1539817504\u003c\/li\u003e\n\u003cli\u003e| \u003cb\u003eISBN-13: \u003c\/b\u003e9781539817505\u003c\/li\u003e\n\u003c\/ul\u003e","brand":"CreateSpace Independent Publishing Platform","offers":[{"title":"Default Title","offer_id":49149260136753,"sku":"9781539817505","price":13.21,"currency_code":"USD","in_stock":true}],"thumbnail_url":"\/\/cdn.shopify.com\/s\/files\/1\/0798\/8215\/8385\/files\/9781539817505__43968_922a47fa-df5d-406b-a188-359d2d91d1ee.jpg?v=1716197739","url":"https:\/\/www.recomparo.com\/products\/9781539817505","provider":"ReComparo.com","version":"1.0","type":"link"}